Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal

Caleb Humalebe Motshabi o hlahetse Bethanie [ sebaka se kileng sa ba teng Waaihoek] ka di5 tsa Pudungwana 1923. Ngwana wa boraro wa mofu Solomon Batshabeng le Maria Panyane Motshabi, o holetse lekeisheneng la Mangaung mme a kena sekolo sa Poraemari ya St Bernard moo a ileng a phethela Sehlopha sa Botshelela ka bo di1930.

Caleb Motshabi

Motjhana wa Caleb, Mof. Nkone, o boletse tse latelang ha a ne a botswa ka seabo sa Caleb dipolotiking:

“Aubuti Caleb o kenetse dipolotiki a sa le monyane dilemong ….Ebile motho wa pele mona Bloemfontein ho thaothela dipolotiki”.

Ha  a le dilemo di 16, ho qhomeng ha Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, Caleb a hlahella lenaneng la Lebotho l

a Sesole sa Afrika Borwa jwaloka  setho sa Native Labour Contingent e neng e nehelana ka ditshebeletso tsa tshehetso mabothong a Afrika Borwa, hammoho le ho lwantsha diNazi tse neng di le letsholong la ho hatella lefatshe. O ile a bona diketsahalo tse mmalwa mapatlelong, ho kenyeletsa Germany, Italy le Afrika Leboya. Kamorao ho ntwa o ile a fumana kgau ya ditshebeletso nakong ya ntwa (1939-45).

Mof. Mokhuane o ntse a hopola:

“O ile a ya ntweng, ntwa ya Hitlelara ya 1939 [Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe]. Ha a kgutla moo ntweng, ha ke sa hopola dilemo empa ke di lebetse. Ke e mong wa batho pele [ba batsho] ho ya teng”.

Ka morao ho pheletso ya ntwa, o ile a kgutlela hae mme dilemo tse tharo tse latelang a nyala Jane Tsholofelo Motale, khomreiti ya hae e itelletseng ntwa ya boitseko. Ka 1949 seabo sa Caleb dipolotiking se ile sa qaqa hantle ha a ne a kenela mokgatlo wa African National Congress [ANC] Freisetata. O ile a fumana kolobetso ya dipolotiki nakong ya Letsholo la Boipelaetso la Melao e se nang Toka ka 1952 ha a ne, jwaloka moithaopi ya ka sehloohong letsholong la Freisetata, o ile a kwallwa matsatsi a leshome ntle le monyetla wa ho faenwa, ka ho ipelaetsa ka maikemisetso melao ya kgethollo ya mmala. Nakong e na, batshwaruwa ba ne ba hlekefetswa mmeleng ke mapolesa a apareteite.

Ka morao ho moo, Khomreite Caleb le mofumahadi wa hae Jane ba ile ba kgethwa Komiting ya Phethahatso ya Provensi ya Freisetata ya ANC mme boemong bona o ile a nka karolo Khonkreseng ya Batho ya Tumellano ya Kliptown, Johannesburg, ka 1955 moo Freedom Charter e entse histori teng – tataiso ya Afrika Borwa e lokolohileng eo kajeno e kentsweng molaotheong wa naha – e ile ya amohelwa. Dilemo tse pedi tse latelang, Motshabi o ile a etella pele Boipelaetso ba dibese bo ileng ba atleha Freisetata, hape hape, bo ileng ba etsa hore a kwallwe.

Ho lokollweng ha hae, Caleb le makhomreite mmoho le yena ba ile ba kenya tshebetsong Leano la M – leano le ile la ralwa ke Mandela ho dumella mokgatlo wa seterateng o tla dumella baithaopi ba Khonkrese  ho dula ba iteanya le batho letsatsi le letsatsi, ho ela hloko ditlhoko tsa bona, le ho ba hlokomela. Sena se sebeditse jwaloka motheo wa karolelano ya ntlo le ntlo ya thuto ya dipolotiki e hlahisitsweng mmoho ke Congress Alliance le New Age, eo e neng e le molomo wa Mokgatlo wa Makomonisi wa Afrika Borwa [SACP].

Mof Mokhuane ha a amahanya seno:

“… o ne a tlwaetse ho rekisa koranta e bitswang New Age. O ne a e rekisa maemelong a ditekisi… ho ne ho e na le motho enwa e mong ke ntse ke mo hopola ya neng e etsa jwalo le yena; e ne e le nkgono Mamotlhakwana o ne a dula ‘Four and Six’.

Mof Nkone ka ho le leng, a hopola:

“E, o rekisitse New Age [Koranta] mme o ne a tsamaya ka sutukeisi e nyane. E ne e le ho phelekanyetsa mapolesa hore ba se ke ba tseba hore na o ntse a etsang. O ne a nka meriana ya bana ka sutukeising eno e nyane mme ha mapolesa a ne a mmotsa …O ne a ba bolella hore o rekisa meriana ya bana…. Meriana eno ya Lennon, boHaarlemensis, wa bona?” 

Koduwa ya dipolao tsa Sharpeville le ho latelwa ha ho kotelwa ha mekgatlo ya dipolotiki ka tlasa Maemo a Qomatsi, ho ile ha tswala ho tshwarwa hape ha khomreite Caleb mme a kwallwa dikgwedi tse hlano tse latelang ntle le ho qoswa. Sena, leha ho le jwalo, Caleb le Jane ba ile ba hlohonolofatswa ka moradi a le mong feela, Semakaleng Shirley. Ka di16 Tshitwe 1961, letsatsi leo e neng e le la Kano pele, Umkhonto We Sizwe [MK], lekala le hlometseng la ANC, ka molao la tsebisa mmoho ho ba teng ha lona dipolotiking tsa Afrika Borwa le boitseko ba sesole kgahlanong le aparteiti. Khomreiti Caleb o bapetse karolo ya bohlokwa popong le ho etella pele MK Freisetata mme o ne a le ka sehloohong ho thaotha le ho balehisa bathauthuwa ho ya palehong bakeng sa kwetliso ya sesole jwaloka diyuniti le masole MK.

Mof Nkone, mothating ona, o ile a hlokomela:

“O ile a thaotha bana ba bangata….Kgaitsedi yaka e ntlhahlamang, e. O ile a thaotha batho ba bangata mme ba bang, ba ile ba baleha naheng. Ba bang [ batjha bao Caleb a ba thaothileng] ba ile ba baleha naheng lekgetlo la boraro le la bone…”

Boemong ba hae jwaloka Molaodi wa MK Freisetata, Khomreiti Caleb o ile a tshwarwa hape ka 1963 mme a romellwa Sehlekehlekeng sa Robben dilemo tse 12.

Mof Nkone o ile a hopola:

“E, ka di1960 aubuti Caleb o ile a tshwarwa ka morao ho moo. Mapolesa a itse ke yena a ntse a thaotha batho bano. Batho bano ba tshwerweng pele ho yena ba ile ba itatola hore ba tseba Caleb mme leha mapolesa a hlahisa hore difane di a tshwana, ba ile ba re di a tshwana empa ha ba mo tsebe”.

Ho lokollweng ha hae ka 1975, Caleb o ile a lelekelwa Thaba Nchu moo a ileng a tswela pele ka ho thaotha, ho hlophisa le ho kwetlisa diyuniti tsa boitseko ba boipelaetso ba baithuti ba1976. Ho latela diketsahalo tsa hae tse potolohileng boipelaetso ba baithuti ba 1976, Motshabi o ile a hlokofatswa ka ho kwallwa le ho kotelwa ka makgetlo a latelanang. Sena se etsahetse ho fihlela mekgatlo yohle e neng e kotetswe e dumellwa ho sebetsa ka 1990.

Ka 1993, selemo pele ho qaleho ya Afrika Borwa ‘e ntjha’, Jane, mofumahadi wa Commandant Motshabi, o ile a hlokahala ntle le hore a fumane monyetla wa ho bona monna wa e ba setho sa Ketsamolao  palamenteng ya naha ya pele e sa kgetheng ka mmala. Caleb o ile a dula e le setho sa palamente ho fihlela a hlokahala ka 2000. Ho tlatseletsa mesebetsing ya hae jwaloka MP, o ne a sebetsa ka hare ho Komiti e Bohareng ya Freisetata SACP mme e ne e le setho se thehileng le Modulasetulo wa Mokgatlo wa Mekaubere ya Sesole sa Umkhonto We Sizwe (MKMVA).

Dilemo tse hlano pele ho lefu la hae, Commandant Caleb o ile a nyala hape a qala bophelo bo botjha le Lali Molema ka 1995 mme ka potlako a amohela moradi wa hae wa bobedi, Dusty, lefatsheng. Leha ho le jwale, le yena, ka di31 tsa Pherekgong 2000 a hlokahala, a siya mofumahadi wa hae Lali Motshabi, baradi ba hae ba babedi Shirley le Dusty, moena hae Rantolo, bakgwenyana ba babedi le ditloholwana tse tsheletseng.

Seabo sa Caleb Motshabi boitsekong ba tokoloho ka kakaretso, le ka ho kgetheha Batho se ka lekolwa jwang?

Mabapi le boemo ba Caleb kahara setjhaba sa Batho, Mof Nkone o re:

“Ba

thabile ke seo a se entseng; o entse dintho tse ngata Lekeisheneng la Batho,aubuti Caleb…. O entse mosebetsi o mongata mme o qadile dipolotiki dilemong tse tlase mme a thaothela bana ba bangata dipolotiking mme bana ba bangata ba balehela dinaheng tse kantle. O ile a kwallwa nako e telele, dilemo tse 12 tronkong. Ebile ntho e nngwe ya masole…. molaodi wa Mkhonto we Sizwe.” 

Bloemfontein e tlotlile e mong wa bara ba yona ba itshupileng ka ho fetisisa ka ho rehella seo e neng e le Batho Social Institute [BSI] ka Setsi sa Caleb Motshabi ho mo tlotla ka di10 tsa Mmesa 1999. Ka di8 tsa Tshitwe 2015, Commandant Caleb o ile a tlotlwa ke Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ka kgau ya Order of the Mendi for Bravery (Silver) bakeng sa seabo sa hae se babatsehang ntweng ya tokoloho ya batho ba Afrika Borwa.

Setshwantsho sa kgau ya order of Mendi for Bravery

 Setsi sa Caleb Motshabi Lekeisheneng la Batho

Lejwe la sehopotso la Commandant Caleb Motshabi, Heroes Acres Phahameng

Mehlodi:

Nelson Mandela by Oliver Tambo: Available from https://www.sahistory.org.za/archive/nelson-mandela-oliver-tambo. Accessed 14 October 2019.

Obituary: Life of Commandant Caleb Motshabi.

Oral Interview: Mamantele Victoria Mokhuane, Batho, Bloemfontein, 17 May 2019.

Oral Interview: Magdalene Monye Nkone, Batho, Bloemfontein, 24 May 2019.

The Order of Mendi for Bravery in Silver: Available from http://www.thepresidency.gov.za/national-orders/recipient/caleb-motshabi.  Accessed 14 October 2019.

Avatar photo
Author

Comments are closed.