Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal

Charlotte Maxeke ( eo e neng e le Manye) e ne e le moetapele ‘Kerekeng ya African Methodist Episcopal’, molwanedi wa phedisano le dipolotiki le mosadi wa pele wa motho e motsho wa ho fumana lengolo la yunivesithi la dikri: BSc ho tswa Yunivesithing ya Wilberforce, Ohio, USA ka 1901. O ne a fana ka tshepo ho ba mesarelong mme bophelo ba hae kgothatso ho bohle. E ne e le mohatsa motho, Mme, serutehi, moetapele wa sedumedi, mosebeletsi wa setjhaba, molwanedi wa dipolotiki le motshehetsi wa botho.

Ho ya ka moenae, Katy, Charlotte o hlahile ka di 7 Mmesa 1872. Mme wa hae e ne e le titjhere mme ntate wa hae e ne e le foromane dihlopheng tsa basebetsi ba tsela. Ho na le pherekano ka mohla wa Charlotte wa tlhaho hammoho le sebaka seo a hlahetseng ho sona. Mehlodi e mengata e hlalosa ha Charlotte Maxeke a hlahetse Fort Beaufort Kapa Botjhabela, empa mehlodi e meng e bolela ha a hlahetse tikolohong ya Polokwane. Ho ya ka SA History On Line, o hlahetse tikolohong ya Polokwane moo batswadi ba hae ba neng ba dula teng, empa ba fallela Kapa Botjhabela ha a le dilemong tse tlatse.

Charlotte o kene sekolo sa praemari Uitenhage le sa boemo bo phahameng Port Elizabeth. O ne a rerile ho ba titjhere. Jwaloka motsamai wa kereke ya inehetseng, Charlotte le moena wa hae Katy ba ile ba kenela Khwaere ya African Jubilee ka 1891, mme ba hahlaula Brithani dilemo tse pedi. Ho bina ha bona dipina tsa English le tsa SeAfrika e bile katleho hoo khwaere e ileng ya binela Mofumahadi Victoria, ho bonahala ba apere diaparo tsa nakong ya sevictoria. Boausi bana ba babedi ba ile ba ithuta ho bua English ka ho thatholoha ka qapodiso ya Brithani mme nakong ena ho bonahala ha Charlotte a ile kenela dipuo le dipuisano tsa basadi ba kang boEmmeline Pankhurst.

Ka morao ho ho kgutlela hae, Charlotte o ile a ya Amerika ho nka leeto la ho hahlaula USA le dibini tsa McAdoo. Ha a ntse a le USA o ile a kopana le Bishopo Benjamin Derrick wa phutheho ya ‘African Methodist Episcopal Church (AMEC)’, ya ileng a hlophisa tsa thuto ya hae Yunivesithing ya Wilberforce ho la Cleveland, Ohio. Yunivesithing ena o ile a kopana Marshall Maxeke, ya ne a tlile yunivesithing ka 1896. Ba ne ba tshepisane ho nyalana bobedi ha ba kgutlela Afrka Borwa ka 1901. Charlotte e bile e mong wa basebolli ba AMEC ya Afrika Borwa. O ne a thusa komiting ya mishinari mme o ile a mengwa ho fana ka dipuo ka mosebetsi wa mishinari dikhonferenseng tsa AMEC. O ile a ba a kgethwa jwaloka mopresidente wa ‘Women’s Missionary Society’.

Ka 1903 Charlotte Manye o ile a nyalana le Marshall Maxeke. Ba sebedistse mmoho jwaloka dimishinari bakeng sa AMEC, pele ebile Pietersburg (kajeno e seng e le Polokwane) mme hape le Idutywa Kapa Botjhabela. Thuto e bile se tlang pele ho ba haMaxes mme ka 1908 ba ile ba hlahisa Wilberforce Institute bakeng sa AMEC Evaton ho la Transvaal. Charlotte e bile setho se thehileng le mopresidente wa Bantu Women’s League. Ka liki, o sebeditse bakeng sa ho nyehlisa melao ya dipasa ya Freisetata. Ha ba haMaxeke ba fallela Johannesburg matshwenyeho a Charlotte a ne a le hodima kereke. O ile a ikarabella diketsahalong tsa thekolohelo mme a qala biro ya khiro ya batho.

O ile a kgethwa jwaloka ofisiri ya parola bakeng sa batshwaruwa ba bana, mosadi wa pele wa motho e motsho ho fuwa mosebetsi o jwalo. Mosebetsi wa hae le makgotla a dinyewe ho ile ha mo atametsa pela ditlamorao tse bosula tsa ho thubeha ha malapa le mathata a bakwang ke sistimi ya bofalli ba basebetsi. Charlotte o ile a boela ba le seabo mekgatlong ya merabe e fapaneng. O ile a nehelana ka puo ho Women’s Reform Club ho la Pretoria, eo e neng e le mokgatlo bakeng sa ditokelo tsa ho vouta tsa basadi, mme a kenela ‘Joint Council of Europeans and Bantus’. Ka sena o ne a hopotse ho hatella kutlwisiso e betere ka mathata a shebaneng le Maafrika a ditoropong.

Jwaloka mohanyetsi wa pele wa dipasa bakeng sa basadi ba batho ba batsho, Charlotte o ne a le mahlahahlaha dipolotiking bophelong ba hae kaofela. Bobedi yena le monna wa hae ba ile ba ya kgakolong ya ‘South African Native National Congress (SANNC)’, ketela pele ya ANC Bloemfontein ka 1912, mme leha matshwenyeho a hae a ka sehloohong a ne a ikamahantse le dintlha tsa thekoleho tse amanang le kereke, Charlotte o ile a boela a ngola dikoranteng ka maemo a kahisano le dipolotiki a tshwereng ke basadi. O ile a thusa ho hlophisa mokgatlo o kgahlanong le dipasa Bloemfontein ka 1913 mme a theha ‘Bantu Women’s League of the SANNC’, ketela pele ya ANC Women’s League, ka 1918. Jwaloka moetapele wa mokgatlo ona, o ile a etella pele moifo ho ya ho Tonakgolo Louis Botha ho tshohla taba ya dipasa bakeng sa basadi. Sena se ile sa latelwa ke boipelaetso selemong se latelang. O ne a boetse a na le seabo maipelaetsong ka meputso e tlase ya basebetsi ba Witwatersrand le ho ba le seabo popong ya ‘Industrial and Commercial Worker’s Union (ICU)’ ka 1920.

Ka 1928 Charlotte o ile a romelwa USA jwaloka morumuwa khonferenseng ya AMEC mme o ile a se phetse ho nahana ka mesarelo ya Maafrika. Nakong ya di 1930 o ile a tswela pele fana ka puo dikopanong tse jwaloka Khonfeshene Maafrika Ohle ya 1935 Bloemfontein, moo a bapetseng karolo e ka sehloohong ho thehweng ha ‘National Council of African Women’. Ho ba tshebetsong ho fihlela pheletsong, o ile a hlokahalla Johannesburg dilemo tse nne tse latelang. O dula o tlotluwa ka hore ke ‘ Mme wa Tokoloho ya Ba Batsho Afrika Borwa. Nakong ya Kgwedi ya Basadi re keteka sebete le matla a Charlotte Maxeke, le basadi kaofela ba tlileng pele ho yena, le ba tlatla kamorao. Sehopotso sa Charlotte se tlotluwa ka tsela ya ‘Charlotte Maxeke Johannesburg Academic Hospital’, le ho rehellwa botjha ha Seterata sa Beatrice ho la Durban. Seterata se ka sehloohong sa Bloemfontein, Seterata sa Maitland, se ile sa rehwa botjha Charlotte Maxeke ho mo tlotla.

Mehlodi:

Umteteli wa Bantu, 21.10.1939.

https://amandladurban.org.za/charlotte-mannya-maxeke-1871-1939/, (Accessed, 22.07.2020).

http://religiondocbox.com/68465702-Latter_Day_Saints/While-charlotte-was-in-america-changes-had-been-taking-place-in-the-29.html, (Accessed, 23.07.2020).

https://www.gov.za/n-botha-unveiling-commemorative-plaque-honour-mrs-charlotte-makgomo-maxeke-n%C3%A3%C2%A9e-manye?gclid=Cj0KCQjw3ZX4BRDmARIsAFYh7ZIrnMVlyjUBTP5QLrqXibp7 Js6fRGt74FOJXVQlq5RcWSAG1zpgRMcaAiLVEALw_wcB (Accessed, 24.07.2020).

https://www.sahistory.org.za/people/charlotte-nee-manye-maxeke, (Accessed, 22.07.2020).

Comments are closed.