Caleb Humalebe Motshabi o hlahetse Bethanie [ sebaka se kileng sa ba teng Waaihoek] ka di5 tsa Pudungwana 1923. Ngwana wa boraro wa mofu Solomon Batshabeng le Maria Panyane Motshabi, o holetse lekeisheneng la Mangaung mme a kena sekolo sa Poraemari ya St Bernard moo a ileng a phethela Sehlopha sa Botshelela ka bo di1930.
Pale ya Digaretene lekeisheneng la Bochabela, Botjhabela ho Bloemfontein e latelwa morao kwana ka bo 1947 ha lelapa la Boreneng la Brithani le bitswang Morena George VI le mohatsae Mofumahadi Elizabeth le baradi ba babedi ba bona, kgosatsana Elizabeth (eo e leng Mofumahadi Elizabeth hajwale) le kgosatsana Margaret, ba etetse Afrika Borwa.
Charlotte Maxeke ( eo e neng e le Manye) e ne e le moetapele ‘Kerekeng ya African Methodist Episcopal’, molwanedi wa phedisano le dipolotiki le mosadi wa pele wa motho e motsho wa ho fumana lengolo la yunivesithi la dikri: BSc ho tswa Yunivesithing ya Wilberforce, Ohio, USA ka 1901. O ne a fana ka tshepo ho ba mesarelong mme bophelo ba hae kgothatso ho bohle. E ne e le mohatsa motho, Mme, serutehi, moetapele wa sedumedi, mosebeletsi wa setjhaba, molwanedi wa dipolotiki le motshehetsi wa botho.
Martha Moipone Motlhakwana e ne e le e mong wa basadi ba Freisetata ya neng a hloka letswalo ya ileng a phephetsa le ho tsitsa kgahlanong le mmuso wa apareteite. O hlahetse Leqwala Thaba Nchu ka di 23 Tshitwe 1906, e ne e le moradi wa lelapa la Makabane. O sebeditse jwaloka mosebeletsi wa lapeng dilemo tse 22 mme o ne a tlwaetse ho rekisa tlhapi ho fepa ba lelapa la hae.
Isabella Winkie Direko o hlahetse Lekeisheneng la Bochabela, Bloemfontein ka di 27 Pudungwana 1927. O kene sekolo Anglican St. Alban e leng sekolo sa Kereke, ka morao ho ho phethela sehlotshwana sa B, o ile a tswela pele ho ya Sekolong sa Anglican se tsebahalang ka hore ke St. Patrick’s Higher Primary.
Boitelo ba hae mesebetsi ya phedisano ka hare ho setjhaba e qadile ha a sa ntse a le sekolong seo, mme hamorao ya hola ho fetoha ho ba thomo ya bophelo hae kaofela ho sebeletsa setjhaba sa Maafrika mona hae,provinsing le boemong ba naha Mokgatlong wa Girl Guide oo qetellong e bileng Mopresidente wa ona.