Martha Moipone Motlhakwana e ne e le e mong wa basadi ba Freisetata ya neng a hloka letswalo ya ileng a phephetsa le ho tsitsa kgahlanong le mmuso wa apareteite. O hlahetse Leqwala Thaba Nchu ka di 23 Tshitwe 1906, e ne e le moradi wa lelapa la Makabane. O sebeditse jwaloka mosebeletsi wa lapeng dilemo tse 22 mme o ne a tlwaetse ho rekisa tlhapi ho fepa ba lelapa la hae.
Ha Yunione ya Afrika Borwa e thehwa ka 1910, ho ne ho se ho na le motheo wa sistimi ya dipasa. Leha ho le jwalo, nako le nako banna le basadi ba ne ba hanana le ho hatellwa ka dipasa [tokomane ya tshupo] ka ha e ne kgina tokollo ya bona habohloko. Martha o ne a le dilemo di 4 ha yunione e ne e thehwa mme sistimi ya dipasa e hlouweng e neng e sebediswa ho laola batho ba batsho e qadile pelenyana ka 1893.

Ka 1913 Orange Free State [ Freisetata jwaloka ha e ne e bitswa nakong eo] e ile ya hlahisa molao o motjha, ho tlatseletsa ho laola banna ba batho ba batsho, wa hore basadi le bona ba lokela ho tsamaya ka dipasa. Sena se ile sa etsa hore basadi ho tswa merabeng e fapaneng ba ipelaetse kgahlanong le tlhokeho ena.
Morusu wa bo di 1920, seteraeke sa basebetsi ba dimaene ba Maafrika, seteraeke sa basebetsi ba dimaene ba ba Basweu ka 1922 le kgatello e hlahisitsweng ke basadi dilemong tse fetileng e ile ya hatella mmuso ho hlephisa melao ya dipasa. Hara basadi ba neng ba kopane e ne e le Motlhakwana ya neng a le dilemo di 16 ka nako eno.
Boholo ba basadi e ne e le batshehetsi ba South African Native National Congress (SANNC) e ileng ya ANC [African National Congress] ka 1923. Ketsahalo ya boipelaetso e ile ya nama Orange Free State kaofela ho fihla boemong boo mmuso o ileng wa nka qeto ya ho hlephisa molao. Kopano e seng e boletswe ka hodimo e ne e bopehile ka basadi ba maemo ohle a borutehi le ho tswa makgalong ka ho fapana provinsing.
Martha ke e mong wa bathehi ba ANCWL [African National Congress Women’s League e ileng ya thehwa ka 1948]. E ile ya tsejwa ho Lekala le Kgethehileng hore ntlo ya hae, boholo ba nako, e ne e sebediswa jwaloka Ntlokgolo ya ANC Bloemfontein.
Setlhawuno Isaac Sedikelo o sa ntse a hopola:
“Re ne re na le batho ba sebete jwaloka bo J.B. Mafora, M.M. Motlhakwana, C. Dichabe, C. Motshabi le J. Kgasane. Re ne re tlwaetse ho tshwarela dikopano malapeng a rona, empa boholo ba nako, re ne re tlwaetse ho kopanela ha Mofumahadi Motlhakwana. Nka re e le e le ofisi ya rona. Re ne re na le sehlopha sa hae sa ditho tsa ANC le Lekgotla la Phethahatso la ANC le ne le kopanela moo. Re ne re tlwaetse ho kopa ka dinako tse fapaneng; mohlala, ka diMantaha e ne e le kopano ya lehae mme ka diLaboraro re ne re kopana jwaloka Lekgotla la Phethahatso”.
O ne a se a tlwaetse ho tshwarwa, nako le nako o ne a tshwarwa empa ha a ka balehela dinaheng tse ding. O ne a qhokola mapolesa ka ho didietsa ha ba ne ba tlo mo tshwara
Sedikelo o sa hopola ho ya pele:
“E ne e le karolo ya Komiti ya Naha e sebetsang le ho hlophisa le Letsholo la Boipelaetso. Ho tswa ho rona mona Bloemfontein, e ne e le Dichabe, Motlhakwana, Monnenyane le Mafora. Batho bana kaofela ba ile ba tshwarwa. Baetapele kaofela Afrika Borwa ba ile ba tshwarwa. O ne a le sehlopheng seno. Qalehong e ne e le yena feela mosadi”.
Martha o bile le seabo le ho kgatha tema mohwantong wa 1956 o kgahlanong le melao ya dipasa. Tikolohong ya Bloemfontein, o ile a hlophisa batho hore ba tjhese dipasa tsa bona.Maqheka a hae a hlokang letswalo a ho hlophisa a ile a etsa hore a fumane lebitso la theneketso ‘Motabola Pasa kapa Mochesa Pasa’ [ya tabolang dompas kapa ya tjhesang dipasa].
Martha ke e mong wa batho ba 156 ba ileng ba tshwarwa Nyeweng ya Bohlabaphiyo mme ha morao o ile a kwallelwa katlung.
Oupa Mokele sa hopola ho ya pele: …. e [Motlhakwana] bile e mong wa ba Nyewe ya Bohlabaphiyo ya 1956… mme o ile a tkwallelwa katlung ha nyewe e se e fedile. Jwale ke holetse kahara ntlo ya motho a neng a kwalletswe katlung”.
Motlhakwana o ne a na le bana ba bane le ditloholwana tse fetang 10. Martha o hlokahetse ka di 27 Phupu 1989 ka lebaka la ho kula mme o ile a bolokelwa Mabitleng a Phahameng Bloemfontein. Kgosi Motlhakwana o ne a e na le dilemo tse robedi feela ha nkgonwae a ne a hlokahala empa o ntse a hopola kamoo a neng a le thata kateng ha a ne a ruta bashemane ba hae ba bane le tse ding tsa ditloholo tsa hae boitshwaro.
Mehlodi
Personal Collection: Interview with Setlhawuno Isaac Sedikelo, Bloemfontein, 29 January 2012, Free State Provincial Heritage Authority (FSPHRA) Declaration Project.
The Weekly, 6 January 2012.
Women’s Anti-Pass campaign Orange Free State, https://www.sahistory.org.za/article/1913-womens-anti-pass-campaign-orange-free-state [Accessed 08/07/2020].
Pudumo Collection: Telephonic Interview with Oupa Mokele, Bloemfontein, 10 August 2012.
Dossier 1: Nominated Sites for Declaration in the Free State Province. www.heritagefreestate.co.za .

Comments are closed.