Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal

Pale ya Digaretene lekeisheneng la Bochabela, Botjhabela ho Bloemfontein e latelwa morao kwana ka bo 1947 ha lelapa la Boreneng la Brithani le bitswang Morena George VI le mohatsae  Mofumahadi Elizabeth le baradi ba babedi ba bona, kgosatsana Elizabeth (eo e leng Mofumahadi Elizabeth hajwale) le kgosatsana Margaret, ba etetse Afrika Borwa.

Morena George VI le lelapa la hae la Boreneng ba etetse Bloemfontein jwaloka karolo ya bona ya ho hahlaula le Afrika Borwa. Lebaka la ketelo ena e ne e le ho leboha tshehetso eo Afrika Borwa e e fileng Brithani nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe [WWII]. Masepala wa Bloemfontein o ile wa hlophisa kaho ya matlo a 24, a 12 a ile a ahuwa Seterateng sa Abdurahman mme a 12 a ahuwa Seterateng sa Nyokong.

Ka dipuisano tsa nalane ya molomo, batho ba neng ba botswa dipotso ba boletes ha matlo a ile a ahuwa ho kwahela sebaka se neng se bitswa ‘Kaffirfontein’ e neng e le haufinyana le moo matlo a 24 a neng a ahuwe teng. Ke kahoo, lebitso la Digaretene [dikgaretene] le ile la fuwa sebaka seno ka lebaka la matlo ao a ile a fetoha ho ba ‘dikgaretene’ ho kwahela Kaffirfontein pela pono ya Morena.

Setshwantsho sa 1: NM Setshwantsho sa Digaretene.

Ha ho na selemo se fumanehileng moo sebaka sa Digaretene se bopehileng ka diterata tse pedi e leng Abdurahman le Seterata sa Nyokong se ileng sa hlahiswa semmuso. Lebitso ka bolona le tlile ka lebaka la ketsahalo e ileng ya etsahala ka 1947 ha Morena George VI le lelapa la hae la Boreneng le ne le etetse Bloemfontein nakong ya ho hahlaula ha lona Afrika Borwa.

Ka di 4 Tlhakola 1947 Lefapha la Native Administration tlalehong ya lona ka kabo ya matlo: “ Barumuwa ba basadi ba ka bang 200 ho tswa Lekeisheneng ba ile ba ya Ofising ya Native Administration matsatsi a mmalwa a fetileng ba hloka bodulo. Ba ile ba tshosetsa ka ho iqalla motsana ka morao ho leralla ka hodima Kaffirfontein”.

Tlehong ena ho tswa metsotsong e boletsweng ka hodimo ho bonahetse hore motsana oo ho neng ho buuwa ka wona ke sebaka moo diterata tse pedi tsa Digaretene di fumanwang teng, ho feta moo e re bontsha hantle tlhokeho ya bodulo eo batho ba batsho ba neng ba tobane le yona matsatsing ao.

Pale e neng e tumme ka Digaretene ke hore matlo a ne a ahilwe ke Masepala, ho pata sebaka sa Kaffirfontein e neng e le ka morao ho Digaretene. Lebaka e le ho thibela Morena George VI le Lelapa la hae la Boreneng ho ka bona Kaffirfontein. Metsotso e boletsweng ka hodimo e bapetse karolo ya ho rala setshwantsho sa hore na matlo a na a ahilwe neng kaha batho ba neng ba botswa dipotso ba ne ba le banyane haholo ka nako eo mme ba ne ba sa kgone ho hopola hantle ka ho nepa.

Moreki (2018) o boletse tse latelang: “Jwale, batho ba ile ba tsebiswa ka ho tla ha hae pele a fihla. Yaba masepala [wa Bloemfontein] o re, tjhe, lekeisheneng ho na le dibaka tse seng hantle. Yaba ba nka qeto ya ho lokisa tse ding tsa dibaka tseo mokoloko o tlong ho feta kahare ho tsona. Ba nka qeto ya hore o tla sebedisa mebila e meholo hore batho ba tle ba mo bone”.. “Matlo ana a Digaretene, ba ile ba a aha ka nako eo, jwale ba a ahile mme ba re matlo ano ao ba a ahang a tla sira matlo a neng a le Kaffirfontein”.

Ho tswa qotsong e ka hodimo ya dipuisano ho bonahala hore batho ba utlwisisa hore matlo a ne a ahelwa ho kwahela Kaffirfontein hore e se ke ya bonwa ke Morena George VI le lelapa la hae la Boreneng. A ne a sa ahuwa ka lebaka la tlhokeho ya bodulo; lebitso le ne le hlahisa seno ka nako eo, ntlha ya bohlokwa e neng e sa fe Masepala kgefu e ne e le hore ba ne ba batla ho pata Kaffirfontein hobane mohlomong Morena o ne a tla phoqahala ho ba paki ya maemo a bophelo sebakeng seo.

Kaffirfontein e ile ya thehwa ka 1861, lekeishene la bobedi la Bloemfontein. Keketseho ya dipalopalo tsa batho ba batsho di ile tsa baka hore baahi ba basweu ba ikutlwe ba sa kgotsofala le ho ikutlwa ba tshosetswa, mme ka di 3 Phupjane 1861 Khansele ya Toropo e ile ya nka qeto ya hlopha karolo ya setjhaba sa“ba seng basweu” ka ho ba arola ka makeishene a mararo: le leng bakeng sa Bafingo le Barolong pela leralla le ka letshohong le letona la Kaffirfontein, le leng bakeng sa Bakhoikhoi le batho ba mmala moeding wa toropo ho ya ka tsela ya Thaba Nchu, mme la boraro tlasa maoto a Signal Hill.

Boholo ba batho ba batsho ba ne ba sa kgone ho ikahela ntlo ya boleng bo lebelletsweng Waaihoek ba ne ba qobellwa ho ya aha lekeisheneng la Kaffirfontein. Ho ya ka Lande (2018): “Ho ne ho se na diterata, monghadi. Ho ne ho se na diterata ho hang; matlo a mang a ne a atamelane ha nqa tse ding e ne e le ntlo e le nngwe jwalo jwalo. Sebaka seno se ne se le jwalo,e. Matlo a ne a hasakane a arohane….jwaloka mapolasing, e ne e shebahala jwalo ka matlo a mapolasing,e”.

Ho ya ka metsotso ya kopano ya Boto Ya Native Advisory, e neng e tshwaretswe phaposing ya Boto, Lekeisheneng la Batho, ka Labone ka di 23 Pherekgong 1947 e ne e fupere tse latelang: “Morena o tla fihla Bloemfontein ka la di 7 Tlhakubele 1947. O tla amohelwa boemong ba provinse mme hape le boemong ba toropo. Ka hora ya bo3 thapama o ne a tla ya Moketjaneng wa Garden mme ka hora ya bo5 o ne a tla kopana le Maafrika Recreation Grounds”.

Dintlha tse latelang ke tse tswang ho motho ya neng a le teng ketsahalong eno e neng e hlophisitswe ke Masepala bakeng sa Morena le lelapa la hae la Boreneng, Mof Kgomo o sa ntsane a hopola hantle diketsahalo tsa ketelo ya ba Boreneng: “Ke ile ka matha ka Mmila wa Harvey, ka feta [St. Patrick’s] Mishone mme ka tswela pele ka ho mathata ka tsela ya sekontiri ho fihlela ke kena ‘Masenkeng’ [lebala la dipapadi Batho] mme le bona [diofisiri tsa Masepala] ba letsa dihutara ho re le [lelapa la boreneng] se le fihlile”. Mokete wa ‘Masekenkeng’ o ile wa kenelwa ke Morena George VI, Mofumahadi Elizabeth le baradi ba bona, kgosatsana Elizabeth [ Mofumahadi Elizabeth II] le kgosatsana Margaret, kahara ba bang. Qetellong ya mokete Mofumahadi o ile a nehelana ka turquoise teacup Setsing sa Rahab jwaloka letshwao la kananelo.

Nalane ya molomo e bapala karolo ya bohlokwa ho ka bokella nalane ya setjhaba, e ka sebediswang ho boloka ditsha tsa lefatshe tsa lefa mme yona nalane eo e ka thusa ho bapatsa setjhaba  bakeng sa bahahlaudi ba matjhaba le ba lehae ho etela dibaka tseno. Ho bontshitswe hore matlo e bile thebe ya ho pata ‘Kaffirfontein’ pela mahlo a Morena George VI le lelapa la hae la Boreneng.

Setshwantsho sa 2: NM Setshwantsho Batho 505 (YA NALANE – Sehlopha sa batho ba batsho se emetseng ho fihla ha Lelapa la Boreneng la Brithani Mabaleng a Ramblers Recreation (Masenkeng), Batho, ll. 7 Tlhakubele 1947) (Setshwantsho sa mantlha).

Setshwantsho sa 3: NM Setshwantsho Batho 505.2 (YA NALANE – Motlotlehi Morena George VI ya dutseng sethaleng ka pele ho diketekete tsa batho ba batsho lekeisheneng la Bloemfontein (Batho) ba tlileng ho mo, ll. 7 Tlhakubele 1947).

 

Mehlodi

MBL1/2/4/1/43, Minutes of an ordinary meeting of the Native Advisory Committee, February 1947.

MBL1/2/4/1/43, Minutes of an ordinary meeting of the Native Advisory Committee, February 23 January 1947.

Interview in Batho, Bloemfontein: A. Lande, 28/05/2018.

Interview in Digaretene, Bloemfontein: B.B. Moreki, 17/01/2018.

Sekete, A.M. 2004. The history of the Mangaung (black) township, Unpublished M.A. mini-dissertation, University of the Free State.

Avatar photo
Author

Comments are closed.