Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal

Isabella Winkie Direko o hlahetse Lekeisheneng la Bochabela, Bloemfontein ka di 27 Pudungwana 1927. O kene sekolo Anglican St. Alban e leng sekolo sa Kereke, ka morao ho ho phethela sehlotshwana sa B, o ile a tswela pele ho ya Sekolong sa Anglican se tsebahalang ka hore ke St. Patrick’s Higher Primary.

Boitelo ba hae mesebetsi ya phedisano ka hare ho setjhaba e qadile ha a sa ntse a le sekolong seo, mme hamorao ya hola ho fetoha ho ba thomo ya bophelo hae kaofela ho sebeletsa setjhaba sa Maafrika mona hae,provinsing le boemong ba naha Mokgatlong wa Girl Guide oo qetellong e bileng Mopresidente wa ona.

O ile a phethela thupelo ya botitjhere Modderpoort Teacher Training Institution2, a kgutlela Bloemfontein ho tla nka mosebetsi wa botitjhere, moo a ileng a nka dilemo tse fetang mashome a mane a le sedikeng sena sa botitjhere. Ke mona moo a ileng a fumana kutlwisiso ya tshusumetso ya apareteiti ya ka tlhokeho ya tekatekano thutong.

Lekaleng la thuto, ha a ntse a sebetsa jwaloka titjhere, motlatsa prinsipala hamorao prinsipala ya Sekolo Se phahameng sa Sehunelo, Winkie e bile karolo ya moifo o neng o kgothaletsa Lefapha la Thuto nakong eno ho dumella baithuti ba Maafrika ho ingodisa jwaloka baithuti Yunivesithing ya Orange Free State [ ha jwale Yunivesithi ya Freisetata], e leng thomo e ileng ya atleha. Ka dipuisano tse ileng tsa tswela pele le baemedi ba Lefapha la Thuto, moifo o ile wa atleha phumanong le tlhahisong ya Yunivesithi ya Vista Bloemfontein3.

Sena e ne e le tlholo ho Winkie hobane baithuti ba Maafrika ba ne ba kgona ho ingodisa le ho ntlafatsa mangolo a bona a thuto. Ka dinako tse ding o ne a hlola makgotleng a dinyewe ho kopela baithuti ba tshwaretsweng ditaba tsa dipolotiki mohua bao ka lebaka la dinyewe tsa bona ba sa kgoneng ho tswela pele ka ho kena sekolo ha bona.

Diphihlello tsa hae tse kgolo kahare le kantle ho Bloemfontein di iponahaditse lekaleng la ditshebeletsong tsa setjhaba tseo di neng di kgothaletswa ke dipolotiki, moo a neng a atisa ho bontsha ntlhakemo ya hae ka ho lwantsha bothata ba ho ntshuwa ha bahlolohadi moo ba dulang teng ke botsamaisi ba masepala ka morao hore ba hlokahallwe ke banna ba bona. O sebedistse jwaloka setho sa phethahatso sa National Institute for Crime Prevention le Reintegration of Offenders [NICRO] le khansele ya Childcare, ho feta moo e ne e le setho sa Khansele ya Yunivesithi ya Vista.

Winkie one a le dilemo tse 70 ha a ne a kgethwa jwaloka Moprimiri wa Freisetata mme o ne a e na le boiphihlelo ba dilemo tse 5 dipolotiking tsa mokgatlo tsa dinako tsohle. Leha a ne a tobane le diphephetso tse itseng mosebetsing oo a neng a o kgethetswe jwaloka moprimiri wa Provinse ya Freisetata, Direko ha a ka ba a dumella hore a faposwe ho maikemisetso a hae a ho etsa province ena e nngwe ya diprovinse tse atlehileng naheng ena. O ile a qala mananeno a ho fihlella setjhaba, lekgetlong lena e se mosebeletsi wa setjhaba empa e le mmadipolotiki.

O ile a kopana le Public Service Anti-Corruption Unit Bloemfontein boitekong ba ho sebedisana le yuniti ho hlaoleng bobodu setjhabeng. O ile a sebedisana le diMEC tsa hae ho phahamisa se neng se bitswa “Imbizo”[1]. Ena ke kopano moo dikarolo tse fapaneng tsa setjhaba di bileng le dipuisano ka ho otloloha le diMEC le moprimiri. Dikopanong tse jwalo Winkie o ne a sekaseka dintlha tse amanang le phedisano jwaloka leroborobo la HIV/AIDS, bofuma, boemo bo phahameng ba bosenyi le theho ya mesebetsi.

Boholo ba dingangisanong tse ding le tse ding lekgotleng la ketsamolao ya provinse, e kaba thuto, bophelo bo botle kapa tsa thekolohelo, Winkie o ne a sebedisa monyetla ho qela tshwaro e ntle ya batho ka tlasa molawana o amohetsweng wa “Batho Pele”[2]. Boikemisetsong ba hae  ho ditabetabelo tsa bolatedi ba hae bo ne bo bonahala puong ya hae ya pulong lekgotla ya provinse ka la 16 Tlhakubele 2001, moo a ileng a behella dimilone tse 3 Masepaleng wa Lehae wa Maluti-a-Phofung4 ho fokotsa mathata a tlhokeho ya mosebetsi, ntlafatso ya ditshebeletso tsa motheo, ntshetsopele ya disebediswa le ho qala Khansele ya Aids ho ruta setjhaba ka lefu lena. Kabo ya ditjhelete masepaleng ona e mo entse hore e be mmampodi wa phano ya ditshebeletso mme o ile a bitswa jwaloka moetapele ya lokisang dintlha tsa “bohobe le botoro”. Semelo sa Winkie sa ho latella, tshekamelong ya sepheo se le seng, ho itshwarella nthong e le nngwe, sebete le boemong bo bong le seo a tsebang ho se etsa di mo entse mohanyetsi ya matla wa bobodu. Winkie o hlokahetse ka di 17 Tlhakola 2012 ka morao hore a hlaselwe ke setrouku. O ne a le dilemo di 82.

Mehlodi

Twala & L. Barnard. Winkie Direko-A Political Leader in Her Own Right?

Staff Reporter. Strict ‘mistress’ left her mark on politics. https://mg.co.za/article/2012-02-24-strict-mistress-left-her-mark-on-politics/ [Accessed 10/07/2020].

Profile of ANC Candidate Premier of the Free State Winkie Isabella Direko. https://www.sahistory.org.za/archive/announcement-anc-candidate-premiers-23-april-1999 [Accessed 10/07/2020].

2‘Imbizo’ e bolela ho ba mmoho mme sena ke ha boetapele ba mmuso bo kopana le baahi

3Lena ke leano la mmuso la phano ya ditshebeletso ditsheng tsa mmuso, mme moreki o lokelwa ho behwa ka pele. Batho pele e bolela ho thusa batho pele ho eng kapa eng.

4Maluti-a-Phofung ke tikoloho ya masepala e bopehileng ka ditoropo tse latelang Freisetata e Botjhabela ya pele: Harrismith, Kestell, Golden Gate le Phuthaditjhaba [QwaQwa].

Avatar photo
Author

Comments are closed.