O mong wa mokotaba wa nalane ya Afrika Borwa ya boitseko,kganyetso le boipelaetso boitsekong ba basadi bakeng sa tekatekano ya bong, seriti sa basadi, tlhompho le ditokelo tsa botho tsa motheo. Ntwa ena e lwannwe ke basadi ba batho ba batsho le ba mmala ho feta mongwahakgolo le, ka bomadimabe, ntwa ha e so hlolwe. Dipalopalo tse bohloko tsa ho dula ho hlahella ha tlhekefetso malapeng ya bong kgahlanong le basadi le banana mona Afrika Borwa ke ntlha e tshwenya setjhabeng. Ha boitseko ba basadi ba batho ba batsho le ba mmala kgahlanong le dipasa tse neng di hlouwe ka Phato 1956 ho la Pretoria e leng e nngwe ya dipontsho tsa yona, mme e ne e se yona feela.
Boipelaetso ba mofuta o jwalo bo kile ba e ba teng Bloemfontein ka 1913 ha basadi ba batho ba batsho le ba mmala ba ne ba hlahisa ditletlebo mmusong wa ba basweu. Jwale ka karolo sehopotso sa Kgwedi ya Basadi 2020, Museamo wa Setjhaba o tjhakela hape ketsahalo ena e itshupileng ho supa ntlha ya hore boitseko ba basadi ba Afrika Borwa bakeng sa tekatekano, tlhompho le tshwaro e lokileng di tswa hole. Ho utlwisisa boemo ba basadi kajeno re hloka ho utlwisisa metso ya nalane le boitshetleho ban twa ya bona e telele hape le ho anananela karolo e bohlokwa e bapetsweng ke basadi ba mmala ho fetang mongwahakgolo o fetileng.
Melao ya dipasa, dibuka tsa dipasa, dephemiti le ditefello
Maipelaetso a ho ba kgahlanong le dipasa ha 1913 ha ho ha tlameha ho shejwa feela ho ya ka boitshetleho bo tshwanelehang ba nalane empa hape bo amanngwe tswelopele diketsahalo tse ding tse bohlokwa tsa kahisano le dipolotiki tsa nakong eo. E sale Bloemfontein e fumanwa ka 1846, Khansele ya Toropo le bongata ba baahi ba basweu ba toropong ba ne ba ngangisana ka hore batho bohle ba mmala, ho sa kgathalatsehe hore ba hlahetse Bloemfontein kapa tjhe, e ne e se baahi ba nnete ba toropo empa “ bahlanka feela ba batho ba toropo”, jwaloka ha ho ne ho boletswe tokomaneng ya masepala. E boela e kgutlisetsa morao ho molao o reng batho ba batsho le ba mmala ba ne ba amaoheleha feela dibakeng tse neng di bitswa “makheishene” ha feela ba ne ba na le thuso ho ba basweu. Ka mantswe a mang, makeishene a kgethollo a Bloemfontein, ho ka qollwa Waaihoek jwaloka lekeishene la kgale le leholo ka ho fetisisa, empa hape le le lenyanenyana, jwaloka Kaffirfontein le Cape Stands, a ne a nkuwa jwaloka dibaka tse ikgethollotseng ka ho fetisisa bakeng sa sehlopha sa bahlanka. Kgethollo ka mmala ho batho ba Bloemfontein ba mmala e ne e sa fella feela ho boitshwaro bo sa amohelehang, leha ho le jwalo, empa e boela e ipontshahatsa melaong ya kgethollo ya mmala ya masepala, melao le melawana. Boitshwaro, melao le melawana e tshwanang e ne e tlwaelehile ditoropong tsohle tsa Orange Free State, e bileng Rephaboliki ya Boer ka 1854.
Ho fumana taolo ya motsamao wa baahi ba lekeishene la Bloemfontein hape ho nnetefatsa phano e tsitseng ya basebeletsi ba malapeng ka boleng bo tlase le mefuta e meng ya mesebetsi bakeng sa ba basweu ba Bloemfontein, khansele e ile ya fumana ho hlokeha ha hlahisa melao ya dipasa. Ena e na e le melao, e neng e kentswe tshebetsong ka 1891, e ne e tshwanelehe ho banna le basadi ba mmala ba dilemong tse ka hodimo ho 16. Melao ya dipasa e ne tlama ho tsamaya ka pasa e nepahetseng ka dinako tsohle. Buka ya pasa e ne e le hantlentle buka ya tshebetso e kenyeleditseng, mohlala, tlhahisoleseding ya monga mosebetsi wa mosebeletsi, dilemo tsa tshebetso, sebaka sa bodulo, tjhelete eo a e kgolang le hore na o lefile rente kapa lekgetho. Taba ya hore melao ya dipasa e ne e tshwaneleha le ho basadi e ile ya etsa hore Orange Free State e ikgetholle hobane e ne e le sona feela sebaka se kentseng dithibelo tsena ho basadi. Ka tshebediso e ne e bolela ba nang le“monyetla”wa ho dula makeisheneng le ho sebeletsa babasweu ba Bloemfontein, basadi ba ne ba sa tlameha feela ho tshwara dibuka tsa dipasa ka dinako tsohle empa ba ne ba lokela ho di ntjhafatsa kgwedi le kgwedi ofising ya dipasa mahala.
Ho tlatseletsa ho basadi bano ba sebedistseng jwaloka bahlanka ba basebetsi ba dinako tsohle, babang ba ne ba hlatswetsa ba basweu diaparo ka dinako tse itseng feela. Sethathong ba ne ba lata diaparo tsa babasweu tse silafetseng e be bat samaya le tsona ho ya lekeisheneng ya di hlatswa le ho diterekela teng. Ba bang ba ne ba di nka bai lo di hlatswetsa Kaffirfontein Spruit ( eo kajeno e seng e le Renoster Spruit) eo ka nako eo, e neng e le ona feela mohlodi wa metsi o neng o ka sebediswa mahala ntle le ditjeo. Nakong ya ha ho ne buuwa ka “sanitation syndrome” e ne e bakile ho phatlalla ha letswalo kahara babasweu ka lebaka se neng se nkuwa maemo a sa hlwekang makeisheneng, khansele le le lefapha la bophelo bo botle ba lehae di ne di tshwenyehile haholo ka maemo ao diaparo di neng di hlatswetswa teng. Ho ne ho tshajwa hore mafu, a kang manketea le feberu ya sekalete, a ka namela metseng ya ba basweu. Ka 1906 masepala o ile wa nka qete ho aha ntlo ya ho hlatswetsa bakeng sa bohle moo basadi ba tlang ho hlwatsetsa diaparo tsa ba basweu maemong a “bohlweki”. Ho ne ho sa tlame feela hore basadi ba sebedise sebaka sena bakeng sa ho hlwatswa empa ba ne tlameha ho fumana dipemiti tse kgethehileng mahala. Mokgwa ona o kopaneng wa ho thibela, ho kgetholla ka mmala le melao e tlotlollang ya dipasa hammoho le morwalo wa ditjhelete o bakwang ke katiso ya ditefello le makgetho tse lokelwang ho leshwa, di ile tsa baka kgalefo hara basadi ba Waaihoek.
Dintho di ile tsa mpefatswa ke taba ya hore Mmuso wa Bokoloniale o nkileng puso ka morao hore Ntwa ya Anglo-Boer (Afrika Borwa) e fele, o ile wa fana ka melao e metjha e neng e sa thatafatse feela melao e amanang le ho tsamaya ka dipasa empa e boelang e neha mapolesa matla a feteletseng ho hatella tshebetso ya melao eo. Ha ele Bloemfontein bokonsetabole ba ba basweu le ba batsho ba ne ba laetswe hore ba batle dipasa le diphemiti basading ka nako e nngwe le e nngwe le sebakeng sefe kapa sefe. Ho hloleha ho hlahisa ditokomane tse nepahetseng ho ne ho ka etsa hore o faenwe kapa o tshwarwe feela ho sa hlophiswa. Oho, a mang a mapolesa a ne a itshwere hampe mme ba sebedisa matla ao ba a tshepetsweng hampe: basadi ba ne ba tletleba ka bokonsetabole ba ba hlekefetsang ka ho ba otla, ho ba tlontlolla phatlalatsa le ho ba rohaka.
Le mafumahadi a baetapele, borakgwebo le baruti ba Waaihoek ba ne ba hlonepheha setjhabeng, jwaloka Katie Louw, Martha Leshani, Chatharina Simmonds, Amelia Twayi, Martha Mapikela, Cecilia Makiwane le Jane Moroka, ba ile b anna ba fetoha diphofu tsa mapolesa a neng “a ba setjha dipokotho tsa mese ya bona nako e nngwe le e nngwe pontsheng diterateng”, ho qotsa ho Sol Plaatjie. Ka ho se qobehe, melao ya dipasa le boitshwaro ba mapolesa bo ile ba baka ho kwata le lehloyo le leholo. Basadi ba bangata ba Waaihoek ba ile ba ikutlwa maemo ana a se tswile taolong mme ha ba na kgetho empa ba loketse ho lwantsha kgethollo eo ba lebaneng le yona.
Basadi ba Waaihoek ba ipelaetsa kgahlanong le ho hloka toka
Ho ba melao ya dipasa e phatlalatswe lekgetlo la ho qala mathwasong a bo di1890, baahi ba batsho ba Bloemfontein ba ile ba ba le boipelaetso ba kgotso kgahlanong le dithibelo tsena empa ha se ke ha eba le thuso. Ka morao ho Ntwa, batho ba batsho ba ile ba sebedisa mekgatlo ya dipolotiki e ntseng e le teng jwaloka metjha ya ho ipelaetsa, jwaloka African Political Organisation (APO) ya Motsekapa le Native Vigilance Committee ya lehae, eo ileng ya e ba Orange River Colony Native Congress dinakong tsa bokoloniale (1902 – 1910). Diphetishene ka kopo ya ho fedisa dipasa tsa basadi di ile tsa romelwa, hara ba bang. majoro wa Bloemfontein, Lady Gladstone (mofumahadi wa Mmusisi e moholo) le ho King Edward Vii wa Engelane empa, le moo hape, ha e ka bay a tswala dikarabo tse monate.
Ho thehwa ha South African Native National Congress (SANNC) Bloemfontein ka Pherekgong 1912 ha ho a tlisetsa basadi tshepo e ntjha feela empa ketsahalo ena ya nalane e ile ya ba kenya morolo tlhahisong ya ditletlebo tsa bona ka mahlahahlaha a ntjhafaditsweng. Qeto ya basadi ya ho lwantshana taba ya dipasa ka ho e toba e ile ya matlafatswa ke ke ho ba teng ha direkoto tsa Charlotte Maxeke, serutehi sa mosadi e motsho ya ileng a kgethwa jwaloka setho sa phethahatso sa SANNC. Ho bontsha ho mmuso boemo ba ho sekgotsofale ha basadi ka melao ya dipasa le boitshwaro ba mapolesa, phetishene ya ho ba kgahlanong le melao ya dipasa e ile ya potolohiswa Orange Free State kaofela. Kamorao hore e saenwe ke basadi ba fetang dikete tse hlano, phetishene ena e ile ya iswa Cape Town ke barumuwa ba tsheletseng ba basadi ba Waaihoek mme ya iswa ho Letona la Ditaba tsa ba Batsho (Native Affairs), Henry Burton. Barumuwa ba ne ba kenyeletsa basadi ba Waaihoek bao ka nako eo ba neng ba hlahelletse jwaloka baetapele ba letsholo la ho ba kgahlanong le melao ya dipasa, jwaloka Katie Louw, moradi wa moruti wa Anglican, le Mof A.S. Gabashane.
Leha tiisetso ya Letona Burton ho utlwisisa ditletlebo tsa basadi le ho ba tshepisa ho nka dikgato nakong e sa fediseng pelo, ha ho na letho le letle le ileng la hlaha nthong e ka etsang selemo kaofela. Hantlentle, palo ya basadi ba ileng ba tshwarelwa “ditlolo” tsa molao wa dipasa di ile tsa eketseha ka ho tshosa ho makatsang mme tlhekefetso ya mapolesa e ile ya mpefala le ho feta, ka ho qolleha ntlong ya bohle ya ho hlatswetsa. Ka 1913, ke ha ho hlaka ho basadi hore dikopo tsa bona di wetse dilemong tsa ditsebeng tse sa utlweng, yaba ba nka qeto ya hore “re entse ho lekane ka ho kopa”ho ba qotsa mantsweng a bona. Ho kgothatswa ke filosofi ya ho hanyetsa feela ntle le dikgoka (satyagraha) e neng e tshehetswa ke Mohondas (Mahatma) Gandhi le British Suffrage Movement e neng e etelletswe pele ke moferekanyi Emmeline Pankhurst, basadi ba Waaihoek ba ile ba nka qeto ya ho latela mokgwa o tshwanang le ona wa ho se mamele ha setjhaba.
Liki ya Basadi ya Bantu e bopuweng botjha (ka Charlotte Maxeke jwaloka Mopresidente wa yona pele) le Orange Free State Native le Coloured Women’s Association (e etelletsweng pele ke Katie Louw le Catharina Simmonds) di ile tsa hlophisa kopano e kgolo Waaihoek ka la 28 Motsheanong 1913. Kopanong eo, basadi ba ile ba hlahisa maikutlo a bona a ho se hlole ba tsamaya ba nkile dipasa hape mme ho ka bang makgolo a mabedi a bona ba neng ba etellwa pele ke Charlotte Maxeke, ba ile ba hwantela ofising ya Majoro Ivan Haarburger toropong ho mo tsebisa ka qeto ya bona. Kaha Majoro o ne a sa fumaneha, basadi ba ile ba kgutlela Waaihoek mme bosiung boo letshwele la bona le ile la kopana seteisheneng sa mapolesa sa lehae moo ba ileng ba tabola dipasa tsa bona. Ka morao ho matsatsi a mabedi a latelang basadi ba fetang mashome a robedi ba ile ba tshwarwa mme ba qoswa ka ho hloka dipasa.
Ka 29 Motsheanong 1913 ho ka etsang makgolo a tsheletseng a basadi ba Waaihoek ba kwatileng ba etelletswe pele ke Rachel Thoka le Mof Molisapoli – “native Mrs Pankhurst” ho ya ka The Bloemfontein Post – ba ile ba hwantela lekgotleng la maseterata seterateng sa St Andrew. Ba bang ba bona ba ne ba tshwere dipolakhate tse nang le mapetjo a reng “Dipasa di bolela bana ba fumanehileng” le “Dipasa di bolela malapa a tjhwatlehileng”. Basadi ba ne ba batla hore maseterata a nyahlatse diqoso tsohle tse beuweng kgahlanong le bona. O ile a dumela mme a ba rommella hape ofising ya Majoro, ka morao ho moo basadi ba ile ba tswela pele ho ya holong ya toropo ka seterateng sa Maitland (kajeno e se e le Charlotte Maxeke). Ka nako eo basadi ba ne ba se ba lahlehetswe ke mamello yohle hobane ba bile le setshwantsho sa hore ditlhoko tsa bona di ne di sa nkelwe hloohong. Ha ba fihla holong ya toropo ba ile ba bokana diteposeng tsa moaho moo ba ileng ba phatloha ka dipina tse neng di itlela feela, ho hwelehetsa le phatlalatsa ditlhoko tsa bona.
Bakeng sa hore Majoro sekaseke ditlhoko tsa basadi, makhanselara a toropo a mmalwa a ile a hlahella. Jwaloka ha ditshepiso tse se nang letho di ne di entswe basadi ba ile ba tshepisa ho tswela pele ka ketso ya bona ya boipelaetso. Ha morao ba ile ba tsebiswa hore majoro o dumetse ho fanyeha ho tshwarwa ho hong hape ha basadi ba hlokang dipasa. Leha ho le jwalo, ka morao ho dibeke tse pedi feela tse latelang mapolesa, bao boholo ba ona e neng e le “boradikgoka” ho ya ka Plaatje, ba ile ba roba tshepiso ya majoro ha ba ne ba leka ho tshwara mosadi ya fumanweng a se na bukana ya pasa. Matshwele a kwatileng a basadi ba Waaihoek ba ile ba potlakela sebakeng sa ketsahalo ya ho tshwarwa moo qhwebeshano ya morusu e ileng ya etsahala teng dipakeng tsa bona le mapolesa. Basadi ba fetang mashome a mararo ba ile ba tshwarwa mme romellwa tjhankaneng moo ba neng ba dula maemong a seng matle mme ba phediswa ka ho sebetsa ka thata. Ho basadi ba bangata ba Waaihoek ba neng ba kwalletse tjhankaneng e ne e le theko e tla ho ka leshwa bakeng sa lebaka le leholo, lebitswang, ho kgaola “ diketane tsa kgatello ka tsela ya ho hanyetsa feela ntle le dikgoka”, ho qotsa Plaatje.
Ditlamorao
Letsholo le kgahlanong le dipasa la basadi ba Waaihoek le ho latela ho tshwarwa ka dikgoka ho ile ha etsa ditaba tse ka sehloohong ho potoloha Orange Free State. Ditoropong tse ding, tse kang Winburg, Jagersfontein le Fauresmith, boipelaetso bo tshwanang bo ile ba tshwarwa. Basadi ba batsho le ba bang ba basweu ba llang le basebeletsi ba bona ka malapeng, ba ne baa para diribono tse bolou le dirosete jwaloka letshwao ho nka karalo le ho tshehetsa. Ho phatlalla le ho phatlalatswa ha boipelaetso ba ho ba kgahlanong dipasa ha basadi masedinyaneng ho ile ha beha kgatello ho mmuso wa naha ho la Cape Town ho araba ditletlebo tsa basadi ba Waaihoek. Ho ne ho shebahala eka ho latella ha basadi ho kwatisitse mmuso. Ha ho kenya tshebetsong ha metjha ya melao ya dipasa Bloemfontein le Orange Free State yohle e ile ya nyehliswa ka ho otloloha le ho panya ha leihlo, basadi ba ile ba hlola tlholo ka botlalo ka 1923 ha basadi ba mmala ba ne behellwa ka thoko melao ya melao ya dipasa boemong ba naha.
Leha phokotso ya mmuso e nkile feela sehla mme e ile, hantlehantle, ya kgutlisetswa morao ka mora 1948, basadi ba Waaihoek ba bontshitse se ka fihlelwang ha basadi ba hlahisa ditlhoko tsa bona ka kopanelo le boikemisetso. Ho sa kgathalatsehe dithibelo tse neng di le kgahlano le bona ho ngangella ha basadi ba Waaihoek ho ile ha qetella ho lefile e seng feela ho basadi ba Bloemfontein le ba Orange Free State empa le bakeng sa basadi ba bangata ba mmala. Ha bohlokwa, letsholo la ho ba kgahlanong le dipasa ka 1913 le sebeditse jwaloka kgothatso Letsholong la ho ba kgahlanong (Defiance Campaign) 1952 le mohwanto o seng o boletswe wa basadi ho ba kgahlanong le melao ya dipasa wa 1956. Ha mohlala o ileng wa etswa ke basadi ba Waaihoek mongwahakgolong o fetileng o kgothatso moloko o motjha wa balwanedi ba basadi ba Afrika Borwa o tswele pele ka boitseko ba bona.
Mehlodi
Anon., “South Africa loses one of her greatest women: tribute to life of late Mrs. C.M. Maxeke”, Umteteli wa Bantu, 21-10-1939, p. 4.
Botes, M. “Rachel Thoka – a forgotten heroine and leader”, Culna 73, March 2019, pp. 12-13.
Erasmus, P.A. “Waaihoek: resettlement without light”, South African Journal of Ethnology 21(3), 1998, pp. 135-139.
Free State Provincial Archives: MBL 3/1/19, Mayor’s minute 1924-1925.
Plaatje, S.T. Native life in South Africa (Johannesburg: Ravan Press, 1982).
Schoeman, K. Bloemfontein: die ontstaan van ‘n stad, 1846-1946 (Cape Town: Human & Rousseau, 1980).
Wells, J. We have done with pleading: the women’s 1913 anti-pass campaign (Johannesburg: Ravan Press, 1991).
Wells, J. “Why women rebel: a comparative study of South African women’s resistance in Bloemfontein (1913) and Johannesburg (1958)”, Journal of Southern African Studies 10(1), 1983, pp. 55-70.
Difoto 1 le 2
Basadi ba Waaihoek ba hweletsa ditlhoko tsa bona diseteposeng tsa holo ya toropo seterateng sa Maitland, Bloemfontein ha ba ntse ba emetse Majoro Ivan Haarburger ho buwa le bona, mohla. 29 Motsheanong 1913 ( Mohlodi: Museamo wa Setjhaba)

Comments are closed.