Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal

Constance Boniswa Tshabalala, ke moradi wa Sienah le Joseph Mothlale, o hlahile ka di 19 Phupu 1961 – matsatsi a 49 kamorao hore Afrika Borwa e be rephaboliki kantle ho British Commonwealth. Ha a na le selemo le halofo, o ile a ya dula le nkgonwae le ntatemoholwae, Michael le Mary Mothlale, le kgaitsedi ya hae Elsies River, Motsekapa.

Ho ya ka phuputso ya Yunivesithi ya Kapa, leha Elsies River e rekotuwe jwaloka sebaka sa mathata a bophelo bo botle ka 1942, ha ho na letho hakaalo le ileng la etswa dilemong tse tsheletseng pele ho ho ntlafatsa maemo a bophelo ba baahi ba teng, hape le dilemo tse mashome kamorao ho,qaleho ya apareteiti ka 1948. Ho latela ho fetiswa ha molao wa Kgethollo ya Mmala ho ya ka Dibaka (Group Areas Act) ka 1950, o neng o boloka dibaka tse itseng bakeng sa batho ba basweu feela, sebaka se ne se phatlalatswa Bammala feela mme ha morao ha qetella ho bile le phallo e bohlokwa ya batho ba qobelletsweng ho falla dikahisanong tse neng e le tsa merabe e kopane. Sena se ile sa fetola ”makeishene a neng a se a ntse a petetsane ho ba metsana e tlallaneng” mme sena se qetelletse se hlahisitse ho eketseha ha sekgahla sa bosenyi le tlhokeho ya molao. Ka 1970, sebaka le bile le baahi ba 90 000.

Kahoo ke ha Constance Tshabalala a latela nkgono le ntatemoholo wa hae le kgaitsedi ya hae nakong ya tsamao ya 1963, sebaka se ne se le boemong ba ho hloka botsitso ke Bammala ho tswa dibakeng tse ding ba falla mme MaAfrika a ne a le ka tlasa tshoso ya ho ntshuwa. Ka bo di 1980, lelapa la Mothlale, ka ho ba lelapa la MaAfrika le buwa Sesotho, le ile la tlameha ho fallela Lekeisheneng la Gugulethu le ka thoko ho moedi wa toropo ya Motsekapa. Le theuweng ka 1958,ka ho otloloha bakeng sa MaAfrika, sebaka sena se ne se se na mabitso a nepahetseng a diterata empa dikarolo kapa dikarolwana di ne di reuwe jwaloka ‘ Jarete ya Batala’ ho ya ka mareho a semorabe a nakong eo. Aterese e ntjha e molaong ya lelapa la Mothlale e ne e ngodisitswe e le Gugulethu N.Y.50, nomoro ya 6. Mabitso ana le tlhokeho ya mabitso a nepahetseng a diterata e dutse e le jwalo nakong yohle ya puso ya aparteiti ho fihlela Letsatsi la Naha la Poelano ka 2004, ha mohowo wa setjhaba o ne o etswa hore ho hlahiswe mabitso a fapaneng. Ketsahalo ya ho nka karolo ha setjhaba e ile ya hlahiswa hamorao ya hore tsela e ntseng e sebediswa hajwale e reuwe hape Mkhanyisi Maphuma Street kamora setho sa pele sa African National Congresssa lekala la sesole, Umkhonto we Sizwe wa Sehlopheng sa 16 Phupjane. Kahoo, Constance o ile a holela tikolohong e aheileng ka dipolotiki ka ho hahlamelwa e sa le kapele ke dinnete tse bohloko tsa apareteiti kahara toropo ya Motsekapa.

Constance Tshabalala ka pele a etsa majoretse ka 1974, Majoretse a Sekolo se Phahameng sa Fezeka.

Kamorao ho ho tlwaela Motsekapa, Connie o ile a ingodisa Sekolong sa Praemari sa Lehlohonolo, sekolo se setjha se fumanwang N.Y. 137, moo leeto la hae la thuto le qadileng teng le moo a ileng a dula teng ho fihlela a phethela selemo sa hae sa Sehlopha sa botshelela. Kamorao ho moo a ingodisa Sekolong se Phahameng sa Fezeka Gugulethu, sekolo se theuweng ka 1966. Setshwantsho se bontsha hore e ne e le setho sa majoretse a sekolo ka 1974. Sena se bolela hore thuto ya Constance e hlophisitswe e tlameha hore e be e qadile Praemaring ya Moshoeshoe ka 1966, nakong eo ditaba tsa ho tswela pele ka Sesotho jwaloka puo ya ho ithuta e ne e le ka pele. Sekolo se Phameng sa Fezeka ka nqa e nngwe e bile monkakarolo ya hlwahlwa wa boipelaetso ba 1976 kgahlanong le Thuto ya Bantu (Bantu Education) le tshebediso ya Afrikaanse jwaloka leleme la ho ithuta.

: Jwaloka ngwana wa lekeisheneng, e nngwe ya dintho tseo a di boneng mabapi le mesebetsi ya apareteiti mme e ileng ya qhomisa tjheseho ya boipelaetso kgahlanong le sistimi, e bile maemo a mosebetsi moo nkgono wa hae a neng a sebetsa ho ona. Constance, e le nnete , o ile a hlokomela hore o lemohile ka dipolotiki ha a le dilemo tse ka bang 9. Temoho ena e ile ya hola kamatla  nakong ya dilemo tsa hae sekolong se phahameng, haholo ka lebaka la tseo a di boneng nakong ya matsatsi a phomolo ya dikolo ha a ne a feheletsa nkgono wa hae ha a ilo sebetsa jwaloka mosebeletsi wa lapeng:

E ne e le nakong ya matsatsi a phomolo ya dikolo, ke ne ke feheletsa nkgono wa ka ho ya moo a sebetsang teng ho ya mo thusa. Ha re kena hoseng re ne re fumana hore o behetswe dilae tse pedi tsa borotho mme o ne a tlo di jelella ka teye, mokotlana wa teye o le mong. Nkgono wa ka o ne a lokela ho arolelana dilae tseno tse pedi tsa borotho tse nang le botoro le jeme le nna mme re ne re tla sebetsa ho fihlela re tjhaisa thapama”.

Ntlo yamosweu ya sehlopheng se bohareng wa nako ya apareteiti, e tsebahalang ka Ginsburg, kantle leho ba “lehae bakeng sa Ba basweu le sebaka sa mosebetsi bakeng sa MaAfrika”, e ne e boetse e le setsha moo“motswako wa ho se tshepahale, ho se ratehe, letswalo, ho se phutholohe le ho tsotella” di neng di phela teng. Ho feta moo, e ne e le sebaka moo tse ding tsa dintho tse lokileng tsa setjhaba kapa disebediswa di neng di hlophuwa ho nnetefatsa bohole ba phedisano dipakeng tsa monga mosebetsi le mosebeletsi le ho “laola kamoo MaAfrika ba inyalanyang le bokahara ntlo le yona kaboyona”. “Dijo tse nepahetseng”, jwalokaha e amangwa ke Constance, ke karolo ya “melao ya ntlo” le “sete ya dikutlwisisano tse fetisitsweng ho tswa batswading ho ya baneng, moahisane ho ya ho moahisane, mme ka kholomo ya keletso ka sewelo karolong ya basadi ya koranta, ho latela boitshwaro bo tshwanelehang ba e mong wa basebeletsi ba lapeng”.

Ho dula Gugulethu N.Y. 50 no 6, Constance o arolelane tsebo ya hae le baiti mmoho le yena ha a le sekolong se phahameng.

“Ke ile ka bona hore ha ho na toka mme ka bitsa baithuti mmoho le nna, ka ba hlalosetsa ka tshwaro eo bomme ba rona ba e fumanang. Jeffrey Mangputa a re ho nna: “ Wa tseba ke eng Connie; sena se lokela ho emisa, nthoena e etsahalang”

Setshwantsho sa Nkgono wa Constance, MofMary Mothlale

Ditlolo tsena tsa toka di ile tsa mo beha tseleng e batlileng e eba boitseki ba ka nako tsohle jwaloka moithuti wa sekolo se phahameng nakong eo bathutj ba naha ba neng ba eketseha qalong ya ho etella pele ntwa ya hae kgahlanong le apareteiti. Jwaloka moitseki wa motjha o ile a nka karolo matsholong a mmalwa a boipelaetso, mme a bona bophelo ba ho ba palehong, ho rekiswa ke dimpimpi, mme a bona diqhomiso tsa peterole le ho fanyehaha taere molaleng.

Jwaloka ngwanana kahara bashemane ya dumelang phetoho e felletseng ya dipolotiki, ka potlako a hohela thahasello ya sepolesa sa tshireletso mme kahoo a kwallwa ntle le ho teraele, a sotlwa, a shapuwa le ho hanelwa. Ho lokollweng ha hae, o ile a fallela Bloemfontein moo a ileng a tswela pele ka diketso tsa hae tsa dipolotiki mme a ba a leka ho ya palehong. Dilemong tsa bo 1980 le ho tsa bo 90 kaofela, ntle le ditshoso tsa sepolesa, le kgonahalo ya tsosoloso ya ho kwallwa, o ile a dula a ntse a le haufi ntweng ya tokoloho. Kajeno ha a sheba morao, jwaleka mme ya se nang monna ho latela hlokahala ha monna wa hae, o tswela pele ho lwanela tokoloho ya bofuma le tlhokeho ya mosebetsi.

Mehlodi:

Babalo Ndenze, “Gugulethu; Where the streets have new names”, Independent-on-Line, 16 December 2004. Accessed 3 October 2019.

Bulelani Phillip, “Gugulethu’s NY streets will be no more” Independent-on-Line, 3 December 2004. Available from https://www.iol.co.za/news/south-africa/gugulethus-ny-streets-will-be-no-more-228609. Accessed 2 October 2019.

Oral Interview: Constance Tshabalala, Batho, Bloemfontein, 13 May 2019

G.F.R. Ellis and D. Erlank, 1983, “A Quality of Life and Basic Needs Measurement System with application to Elsies River”, Southern Africa Labour and Development Research Unit (SALDRU), UCT; p.18.

Ginsburg, Rebecca. “Serving apartheid? Domestic workers and the racial geographies of white suburban households, Johannesburg, South Africa, 1960s-1970s.” Historical geography 27 (1999): 56 -7.

Lehlohonolo Primary School History. Available from http://www.lehlohonolops.wcape.school.za/history.htm (Accessed 4 October 2019).

Obituary: Funeral Service of Major –General (Retired) Mxolisi Edward Petane, October 2017. Available from https://legalbrief.co.za/media/filestore/2017/10/Tribute.pdf. Accessed 2 October 2019.

Khotso Pudumo
Author

Comments are closed.