Moprofeta Anna Mantsopa Makhetha o hlahile ka selemo sa 1795 sebakeng se bitswang Likotsi kapa Ramakhetheng haufi le moo e seng e le Maseru kajeno. Ke moradi wa Nkopane, moholwane e moholo wa Makhetha, le Sesilane. Lebitso leo a le fuweng tlhahong ya hae e bile Koena-li-fule, e leng se bolelang “dikoena di a iphepa/ho fepa dikoena”. Ha a ne a sa le monyenyane o ile a bona masisapelo a tlala a bakuweng ke Difaqane, tse ileng tsa susumetsa batho ho ba madimo mme ka bomadimabe ke se ileng sa etsa hore a lahlehelwe ke ntatae. O ile a boela a hapuwa bakeng sa dikgwedi tse 6 ke sehlopha sa Nguni se bitswang Amankowane (kapa Mankoane), ba ileng ba fiela naha ho lelekisa Pakalitha le MaHlubi a hae. Ka Lehlohonolo, o ile a kgona ho phonyoha ha ba bang ba seng sa hae ba tla tikolohong eo a neng a le ho yona ba hweba ka matlalo a diphoofolo bakeng sa poone.
Mantsopa o ne a loketswe ho nyalwa ke motswalae Lekote (mora wa moholwane wa ntatae e moholo, Makhetha), empa o ile a hlokahala hang ka morao hore ho nehelanwe ka dikgomo tsa mahadi. Kahoo, o ile a nyalwa ke moholwane wa hae, Selatile, ya neng a se a e na le basadi ba bahlano mme a tswala bana ba bane (baradi ba bararo le mora a le mong babitswang; Ntsopa, Motsielehi, Ts’iu le Sesilane). Jwalo ka e le tlwaelo moetlong wa Basotho hore mme a fetole lebitso la hae ka morao ho tswala ngwana wa hae wa pele ka ho hlomathisetsa sehlongwapele “Ma kapa Mma” lebitsong la ngwana wa hae wa pele, yaba eba MaNtsopa. Ho dumelleha hore lefutso la ho fodisa, ho nesa pula le ho profeta o di fumane ho malome wa hae Mohlomi ya ileng a rupella Moshoeshoe ya monyenyaneng mme ya neng a e na le tjheseho pele e eba moeletsi wa hae dipolotiking.

Ka selemo sa 1851 Mantsopa o ile a profeta hore Basotho ba tla hlola ntwa kgahlanong le mabotho a Brithani a etelletsweng pele ke Majoro Warden. O ile a tsebahala jwalo ka moprofeta ya tummeng, mohale ya phelang le moeletsi ho Moshoeshoe I ha mesebetsi ya hae ya ho profeta ka dintwa tse latelanang e phethahala. Eugene Casalis (mishinari ya Fora) o ile a hopola, ka ho lepa kgohlano le mabotho a Majoro Warden ka selemo sa 1851, Moshoeshoe o ne a inahanetse feela ho emela hore sera se hlasele kapa ho qholotsa ntwa. Ka morao ho nako a profeta ditlholo tse ngata ho kenyeletswa tlholo hodima Batlokwa ba Sekonyela ka 1853 mme a noha diketsahalo tse ngata tse kenyeletsang le sewa sa lefu la diphoofolo se ileng sa latela Ntwa ya Pele ya Lefatshe. Leha ho le jwalo, seabo sa hae jwalo ka moeletsi wa Moshoeshoe se ile sa ya pheletsong ka selemo sa 1868 ha Brithani e hapa naha ya Basotho (Lesotho). Selemong sona seo, o ile a kolobetswa ke mishinari ya Fora e bitswang Theophile Jousse mme a fuwa lebitso la Anna. Kamorao ho moo, a fallela Modderport (ka thoko ho Ladybrand Freistata) mme a kenela dimishinari tsa Tjhatjhe. Leha a ile a kolobetswa jwalo ka Mokriste, Mantsopa o ile a nna a tswela pele ho profeta le ka mesebetsi e meng ya hae. Sena ha se a ka sa dula dimishinari hantle hobane ba ne ba nka sena seo a se etsang e le boloi, empa a nna a tswela pele ho se etsa.

Ho fetohela ha hae bokristeng ho ile ha makatsa, hobane kopanong ya hae le dimishinari ho bile le boitwantshano. Ba ne ba hanana haholo dinthong tse kang kamoo a neng a sa dumele kateng hore o hloka bibele hore a tle a fihlelle Modimo kaha a ne a e na le kopano ka kotlolo le Yena ka dipono tsa hae. O ne a hanana le mohopolo wa dimishinari wa hore tsela e lebisang ho Modimo e tshesane, a re ho ya ka yena tsela e yang ha Modimo e bulehile ho amohela batho ba bangata. Leha ho le jwalo, o ile a dumela hore ho na le Modimo a le mong, empa a dula a ntse a le hlokolosi ka seo a se nkang e le mohopolo ho ba kgahlanong le Basotho dithutong tsa bona.
O hlokahetse ka di 11 Pudungwana 1906 a le dilemo di 111 mme o ile a bolokwa sekriste mabitleng a Modderport mabapi le Baholwane ba Society of St Augustine le baahi ba basweu ba Modderport. Lebitla la hae, lehaha leo a neng a rapela ho lona le sediba sa metsi (seo a se sibolletsweng ke badimo ba hae ha a ne a qala ho fihla Modderpoort mme a dumela hore se na le matla a ho fodisa) ke dikgohedi tse kgolo tsa bahahlaudi haholoholo baeti ba tsamaelang mabaka a fapaneng (mohl. bakeng sa dithapelo, ho kga metsi Sedibeng se halalelang kapa ho hlompha sehopotso sa moprofeta). Taolo ya mehlodi ya Lefa ya Provense ya Freistata e tlalehile lebitla le lehaha jwaloka dibaka tsa lefa. Masepala wa lehae seterekeng sa Thabo Mofutsanyane o boetse o rehelletswe ka yena.

Comments are closed.