Lebitso la Modjadji kapa Mofumahadi wa Pula le bolela tatelano ya Mafumahadi a Balobedu (Provinseng ya Limpopo, Afrika Borwa) ba tsebahalang ka bokgoni ba bona ba ho laola maru le ho na ha pula. Tshimoloho ya Mofumahadi wa Pula wa pele e dikanyeditswe ke sephiri, empa ditlaleho kaofela di a dumela ka hore ke setloholwana sa leloko la morena wa kgale ho tswa pusong ya Karanga ya Monomotapa (Zimbabwe borwa-botjhabela).

Tlhaloso e nngwe ya pale ho hlahiswa hore Mme wa Modjadji wa pele, Dzugundini, o ile a qobelleha ho baleha motseng wa ha habo ka morao hore a imiswe ke moholwane wa hae. Ka thuso ya mmae, a utswetsa ntate disebediswa tsa matla a ho nesa pula le difaha tse halalelang a ntano leba Kgohlong ya Molototsi (eo hajwale e bitswang Puso ya Balobedu). Leha le jwalo tlhaloso e nngwe e hopola hore ha matla a ho nesa pula a tla qala ho fokotseha ka hara morabe wa Lovedu, Mugodo, wa ho qetela tatelanong ya banna, o ile a nka qeto ya ho tsosolosa ketsahalo ena ka ho arolelana dikobo le moradi wa hae. Ngwana wa ngwanana ya ileng a hlaha kopanong ena e ile ya eba yena wa pele tatelanong e na e telele ya Mafumahadi a Pula a Lovedu, a ho tsebahala ka lebitso la Mudjadji (kapa Modjadji), le bolelang feela ‘mmusi wa letsatsi’.

Modjadji o ne a nkuwa jwalo ka setshwantsho sa kgalalelo mme kahoo o ne a sa tshwanela ho ba teng diketsahalong tsa setjhaba phatlalatseng. Tsela e le nngwe feela ya ho buisana le batho ba hae e ne e le ka ho sebedisa makhanselara a banna kapa matona. Hape o ne a sa tshwanela ho nyalwa, empa a tswala bana ka e mong wa ba batona ba leloko mme a be le basadi bao ba tla mo sebeletsa. Ba ne ba kgethwa metseng e mengata ya Ga-Modjadji ke makhanselara. Ha a se a le makgatheng a ho shwa, o ne a tlameha ho kgetha moradi wa hae e moholo ho nka marapo.
Maselekwane Modjadji I o busitse bonyane ho tloha 1800 ho fihlela 1854. Nakong ya bophelo ba hae o phetse boikgethollong bo phethahetseng hare-hare ho moru mona o entse mekete ya sephiri ho nesa pula. O ile a phetha moetlo wa ho ipolaya ka selemo sa 1855.
Maselekwne o ile a latelwa ke Masalanabo Modjadji II ya busitseng ho tloha ka 1854 ho fihlela 1894. Jwalo ka Mme wa hae pele o phetse boikgethollong, ka sewelo a bonwa setjhabng phatlalatsa, mme o ne a sa fumanehe setjhabeng sa hae. Ke Modjadji enwa wa bobedi eo ho thweng e bile mokgothaletsi wa buka ya H Rider Haggard, She. Jwalo ka ha e ne e le moetlo, Masalanabo o ile a phetha moetlo wa ho ipolaya ka 1894 ka morao hore a thonye Khetoane (moradi wa moena wa Masalanabo) jwalo ka Modjadji ya latelang.
Mofumahadi wa Pula wa boraro, Khetoane Modjadji III, o busitse ho tloha 1895 ho fihlela 1959. Tonakgolo ya Afrika Borwa ka nako eo, Jan Christian Smuts o mo hlalositse e le “ya motle mme ya bohlale”. Ba bang ba dumela hore Khetoane ka ho hana ho phetha moetlo wa ho ipolaya ha a ne a se a le dilemong tsa ho etsa jwalo, ho fane ka thohako lelokong la Modjadji. Makoma o ile a latela Mme wa hae Khetoane ka 1959 mme ya e ba Mofumahadi wa Pula wa bone. Makoma e bile Modjadji wa bobedi wa ho roba moetlo wa Mafumahadi a Pula ka ho nyalwa ke monna ya neng a bitswa Andrease Maake. O bile le bana ba mmalwa mme o ile a hlahlangwa ke moradi wa hae e moholo Mokope ka 1981.

Ka nako ya Mokope, dibakeng tsa 1981 le 2001, ho ile ha shebahala ho na le ho kgutlela morao ho mosebetsi wa moetlo wa Mofumahadi wa Pula. O ile a latela ditlwaelo tsa boModjadji ba pele mme a phela ka boikgethollo ntlong ya borena motseng wa Khetlhakone. Ke ka Mokope hore Nelson Mandela morao hore a kopane le yena a ileng a tshwaela hore jwalo ka Mofumahadi Elizabeth wa II, Mofumahadi wa Pula ha araba dipotso. Ha dilemo di ntse di feta baetapele bana ba matla ba ile ba tlwaelana haholo. Mokope o bile le bana ba bararo jwalo ka moetlo o ile a thonya mohlahlami wa hae pele ho lefu la hae. Ka bomadimabe mohlahlami ya thontsweng, Makheala, o ile a hlokahala matsatsi a mabedi pele ho Mmae mme kahoo moradi wa Makheala Makobo ebile Modjadji wa botshelela mme wa ho qetela ho fihla hajwale.
Puso ya Makobo Constance Modjadji VI e kgutshwane, ho tloha ka 2003 le 2005,e ne e tletse dingangisano ho sa qala feela. Ho nkile dilemo tse pedi e sale lefu la kgono wa hae ka di 28 Phupjane 2001 pele a thonngwa ka ho phethahala jwaloka Modjadji wa VI ka di Mmesa 2003. E ne e se hobane feela a ne a le dilemo di 25, e bile e le Modjadji ya monyane ka ho fetisa nalaneng ya morabe wa Lovedu empa hape hore o ne a rutehile. Makobo o ne a sa bonahale a ikamahantse haholo le mesebetsi ya setso ya Modjadji. O ipheletse bophelo bo tlwaelehileng, a ikaparela diaparo tsa babophirima tse tlwalehileng jwalo ka dijini le di T-shete mme a ithatela motjeko wa diskho ebile a e na le mohlankana, David Mogale, eo ho dumelwang hore o mo etseditse bonyane ngwana a le mong ho ba babedi bao a nang le bona. Lefu la Makobo la tshohanyetso a le dilemo di 27, le dikanyeditswe ke ho se dumellane. Ba bang ba nahana hore ke mesebetsi ya matsoho, empa direkoto tsa semmuso di bontsha hore lefu la hae le bakuwe ke menejaetisi (meningitis) e sa phekoleheng. O siya mora, Kgosana Lekukena (h.1998), le moradi, Kgosatsana Maslanabo (h. Tlhakola 2005).
Hajwale, ha ho na Mofumahadi wa Pula ya busang ka morao ho lefu la Makobo, empa moradi wa hae o lebelletswe ho hlomamiswa ha a ba dilemo tse 18. Motsotsong ona, moholwane wa Makobo Kgosana Mpapatla o kgethuwe jwaloka motshwaredi.

Comments are closed.