Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal
Submit an article to Indago - a peer reviewed journal

Rachel Thoka o hlahile ka 1825, hantlentle Naheng e ka Bophirimela. Jwaloka ka ngwana wa ngwanana e monyenyane o ile a rekisetswa rapolasi e mosweu, Sarel Griesels, eo mosadi wa hae a neng a hloka lekgoba le lenyane mmarakeng wa makgoba Motsekapa. Jwaloka moetlo waMaDutch nakong tseo, ba ha Griesels ba ile ba mo fa lebitso le letjha ho tswa bibeleng, le bitswang Rachel, mme a ithuta ho bua puo ya Dutch.

Leha bokgoba bo ile ba fediswa Koloni ya Kapa ka di 1 Tshitwe 1834, Rachel o ile a dula a ntse a sebeletsa ba ha Griesels mme nako ya Great Trek (c 1834 – 1838) o ile a ya le bona ho ya Transgariep (kajeno ke Freisetata) le Natala. Ka Tlhakola 1838, ntweng ya Moordspruit mabopong a Mooirivier Natala, moo mabotho a Mazulu a ka bang 1500 a ileng a ba futuhela le ho bolaya MaVoortrekere a 530 a neng a sa lebella, Rachel o ile a pholosa bophelo ba mora wa Field Cornet Schoeman ya dilemo ditharo ka ho ipata le ngwana ka lengopeng ho fihlela ntwa e fela. Ketso ena ya bonatla, e ile ya etsa hore setjhaba sa Mavoortrekere a hlomphe le ho tlota Rachel ka lebitso la Rachel ‘Mooirivier’. Ka morao ho dintwa tsa Natala, Rachel o ile a tsamaya le sehlopha sa MaVoortrekere a neng a sa kgotsofala katlasa Piet Pretorious ya ileng a fallela morao ka nqane ho Dithaba tsa Drankensburg mme a dula Potchfstroom.  Sehlopha sena sa bafalli se ne se kenyeleditse Paul Kruger (ha morao Mopresidente wa naha ya Rephaboliki ya Afrika Borwa (ZAR) kapa Transvaal). Ka bo 1840 Rachel e bile Mosebeletsi wa lapeng wa Paul Kruger mme hamorao a tsamaya le yena ho ya Pretoria, moo a ileng a nyalwa ke monna wa MoZulu, Julie Mpinda.

Ka lebaka la ho hloka botsitso ha Rephaboliki ya Afrika Borwa, Rachel o ile a ya Rephaboliking ya Orange Free State mme ya e baMosebeletsi wa lapeng wa moruti Colin Fraser wa Philippolis. Ka 1871 o ile a tla Bloemfontein le mora wa moruti, Sir John Fraser, mme hamorao a sebetsa lelapeng la ngaka Otto Krause. Nakong ya matsatsi a hae jwaloka Mosebeletsi wa lapeng Rachel o ile a ipokella ka bokgoni ba bo mmalwa ba ho etsa dintho, ho kenyeletswa ho pheha, booki le bolemi, mme o ne a boetse a le mosebetsing wa Thupello ya malapa ho basebeletsi ba batjha ba hlokang tsebo. O ne a boetse e le mopepisi mme e le mosadi wa motho e motsho wa pele wa ho sebetsa Bloemfontein National kapa Volks Hospital, se ileng sa phethelwa ka 1893. Rachel ha a ka a fumana thuto e hlophisitsweng sekolong mme o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola.

Ka 1902, kamoarao ho Ntwa ya Anglo Boer, Rachel le Julie ba ile ba dula Waaihoek, le leng la makeishene a kgale a batho ba batsho Bloemfontein. Nakwana ba sa tswa fihla, monna wa hae wa pele a hlokahala mme dilemo tse mmalwa tse latelang Rachel a nyalwa ke Abram Thoka kerekeng ya Lutere Bloemfontein, moradi e mong wa ngaka Krause e ne e le moetsana. Ha a le Waaihoek o ile a phephetswa ke melao ya pasa, ditumello le melawana, hammoho le dithibelo tsa ho ritela jwala ba mabele. Nakong ena, batho ba batsho le ba basootho ba ne ba lokela ho tshwara ditokomane tsa pasa Orange Free State. Haeba ba sa ikamahanye, ba ne ba tshwarwa le ho fuwa kotlo ya ho lefa. Ba ile ba nka melao ya pasa jwaloka kgethollo, ho tlontlolla le ho nyedisa mme ba ne ba atisa ho hana ho nka ditokomane tsa pasa. Makeisheneng tokomane ya pasa e ne e bitswa ka ho sonngwa jwaloka ‘dompas’ (pasa ya bophoqo). Melao ya pasa e ne e hopotsa Rachel matsatsing a hae a bokgoba ha a ne a lokela ho nka pasa. Ka nako tse ding e fanyehwe ho potoloha molala wa hae.

Ho tobana le melao ya pasa e hatellang, batho ba batsho ba Waaihoek ba ne ba shebile Rachel bakeng sa boetapele le keletso. O ne a sa hlontjhwe ke MaAfrkannere feela bakeng sa sebete sa hae nakong ya Great Trek empa le bona batho ba batsho ka lebaka la boiphihlelo, bokgoni ba boetapele le boemo ba hae jwaloka mopepisi. Nakong ya 1913 sehlopha sa basadi ba Waaihoek le moifo wa South African Native Congress (hamorao African National Congress kapa ANC) ba tla ho bona Rachel mme ba mo kopa ho etella pele basadi ba Waaihoek letsholong le kgahlanong le melao ya pasa e tshosang. O ile a tsebisa: “Ke ile ka araba pitso ya batho ba haeso mme ka nka qeto ya ho jara morwalo wa batho ba haeso mahetleng a ka le ho ba etella pele…” Komiti ya basadi e ile ya thehwa Waaihoek mme mangolo, dimemo le ditletlebo di ile tsa hlophiswa mme tsa romelwa khanseleng ya Toropo, mmusong wa Freisetata, dikerekeng le ho batho ba basweu ba nang le qenehelo. Tletlebo e kgolo ka ho fetisisa e ne e le ho hlekefetswa ke mapolesa nakong ya ho kenya tshebetsong melao ya pasa. Ha ho letho, leha ho le jwalo, le ileng la etswa ho araba ditletlebo tsa batho ba batsho. Nakong ya kopano ya batho kaofela ka Motsheanong 1913, basadi ba Waaihoek ba ile ba tsebisa hore ba tla dula ba hana ho nka dipasa ho fihlela molao phumulwa.

Bothata ha bo a ka ba rarolleha mme matsatsi a mmalwa a latelangng basadi ba ile ba tabola dipasa tsa bona ka pela seteishene sa mapolesa e le pontsho ya boipelaetso. Ka lebaka leo basadi ba 80 ba ile ba tshwarwa. Sena se ile sa latelwa ke mohwanto wa basadi ba Waaihoek ba ka bang 500 o eteletswe pele ke Rachel, yeo, ka pontsho ya ho ipelaetsa, a  neng a apere Union Jack e thathetsweng lethekeng la hae. Ntle le ho ba bohlokwa ba teng, mohwanto o bile le nakwana ya motlae. Ha ba le Hoffman Square, Rachel o ile a lelekiswa ke pudumo. Ka ho hlokomela kotsi ya sena, Konsetabole Hartseer, e mong wa mapolesa a tsebahalang Bloemfontein, o ile a aleka ho pholosa Rachel. Rachel le yena o ne a nahana hore konsetabole Hartseer o leka ho mo tshwara mme a nganga. Tlhaloso ya boiteko ya konsetabole ya hore o ne a leka feela ho pholosa Rachel kgonahalong ya ho lemala bo ile ba teana le boitseko ba “Nka itlhokomela nna”, se ileng sa e ba dimakatso le setsheho sa ba bang ba bahwanti.

Mohwato o ile wa tswela pele ho fihlela o fihla ofising ya maseterata serateng sa St Andrew moo ba ileng ba batla le ho fumana ho lokollwa ha baitseki ba tshwerweng. Ho tlatseletsa, maseterata o ile a eletsa basadi ho nka ditletlebo tsa bona ho di isa ho majoro. Bahwanti ba ntano lebisa mohwanto wa bona City Hall ka seterateng sa Maitland (kajeno ke seterata sa Charlotte Maxeke). Ho latelano ya dipuisano le sehlopha sa Makhanselara a motse, leha ho le jwalo, ha ho ha ka ha hlahisa ditlamorao. Dibekeng tse mmalwa tse latelang kamorao ho mohwanto, ho tshwarwa ha mosadi e mong le boitshwaro bokgopo le dikgoka tsa sepolesa le ho shapuwa ha sehlopha se neng se mo latela se leka ho lokolla phofu e se nang molato, ha hlahisa boipelaetso bo felletseng. Palo ya bohlokwa ya basadi ba itseng e ile ya kwallwa ntle ho Rachel. Sena, ho shebahala, se ne se hlohloleditswe ke tlhompho e kgolo eo Rachel a neng a e fumana Bloemfontein, haholoholo dikarolong tsa batho ba basweu. Ho mo behella kathoko, kahoo, e ne e le boiteko ba ho thibela boipelaetso le ho thibela ditsheollo le ditshwaelo tse seng monate bakeng sa batho ba basweu ba neng ba moqenehela le dikoranta.

Ho shebahala hore a sireletswe ke boemo ba hae, Rachel o ile a tswela pele ho lwana mme hammoho le ba bang a batla hore basadi bohle ba tshwerweng ba lokollwe. Diketso tsa bona di ne di tshehetswa ke letsholo la lengolo le ngotsweng ke baahi ba Bloemfontein ba hlahisa kutlwelobohloko ho baahi mmoho le bona. Leha ho le jwalo hape, letsholo lena le nnetefaditse katleho mme basadi ba neng  ba tshwerwe ba ile ba lokollwa, mme Rachel o ile a ba amohela. Dipuisano tse lateng le majoro wa Bloemfontein le Motsamaisi wa Orange Free State ka ho fedisa melao ya pasa, jwalokaha ho lebelletswe, di ile tsa se atlehe. Melao ena e ile ya fediswa qetellong feela ka 1986. Rachel o ile a dula a ntse a ikemiseditse boitsekong kgahlanong le melao ya pasa dilemo tsohle tsa boitseko mme ho duleng ha hae Waaihoek toropong ya Bloemfontein o ne a nka karolo ya ho amohela ho tshwara dikopano le dikhonferense tsa mekgatlo ya dipolotiki, bodumedi, setjhaba le meetlo. Lelapa la hae le ile la boela la fetoha sebaka sa tlwaelo moo ho neng ho phomolelwa teng le sebaka sa kamohelo ya moifo wa dikhonferense tse ngata.

Rachel o bile le bara ba tsheletseng le ngwanana a le mong, empa mora a le mong o ile a hlokahala hamorao kamorao hore Rachel a dule Waaihoek. Rachel o ile a hlokahala ka di 26 Lwetse 1940, a le dilemo di 116, setjhaba sa MaAfrikannere a Bloemfontein se ile sa phehisa ka ho koleka bakeng sa lekase. Ka di 18 Tshitwe 2005 dikgau tsa Western Cape Honours Award le Order of the Disa, di ile tsa abuwa kamorao ho lefu ho Rachel ‘Mooirivier’ Thoka mme di ile tsa amohelwa ke setloholo sa hae, Isaac Thoka.

Mehlodi:

  1. Free State Provincial Archives, Bloemfontein. A45 Dr Otto Krause Accession: Life history ofold Rachel Thoka. A few biographical details in the form and manner as related by her.
  2. Schoeman, K. 1980. Bloemfontein. Die ontstaan van ’n stad, 1846-1946: Human & Rousseau.
  3. Van den Vyfer, H. Life history of old Rachel Thoka, Archives News, September 1991.
  4. Thoka, IMB. Unpublished manuscript and correspondence, ES9/5/1/1/1, ErfenisstigtingArchive, Heritage Centrum Pretoria.

Comments are closed.